2 Dikgosi 15:19-27 BIBELE (SSO89SO)

19. Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.

20. Menaheme o ne a ile a ntshisa barui ba Baiseraele sethabathaba, monna ka mong a ntsha ditjhelete tsa silefera tse ka bang boima ba halofo ya kilo, hore a tle a thelle kgosi ya Asiria ka tjhelete eo. Yaba kgosi ya Asiria e a kgutla, ya se ke ya dula naheng eo ya Iseraele.

21. Diketso tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

22. Menaheme a shwa; Pekahiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

23. Ka selemo sa mashome a mahlano sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Pekahiya, mora wa Menaheme, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse pedi.

24. Pekahiya a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

25. Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama.

26. Diketso tse ding tsa Pekahiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

27. Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Peka, mora wa Remaleya, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi.

2 Dikgosi 15