2 Dikgosi 15:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asariya, mora wa Amasiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.

2. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jekoleya, eo hahabo e neng e le Jerusalema.

3. Asariya a kgahlisa Morena, jwalokaha Amasiya, ntatae, a ne a ile a etsa.

4. Feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.

5. Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.

6. Diketso tse ding tsa Asariya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

7. Asariya a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.

8. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng.

2 Dikgosi 15