2 Dikgosi 14:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Empa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a araba Amasiya, kgosi ya Juda, a re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: <Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale!> Yaba ho feta sebatana sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.

10. O fela o hlotse Baedomo, jwale o se o le makokonyana! Thabela hona, o itulele ha hao. O ratelang ho ikenya tsitsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”

11. Empa Amasiya a se ke a mo mamela. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.

12. Baiseraele ba imela Bajuda, mme Bajuda ba baleha, e mong le e mong a balehela lapeng la hae.

13. Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, mora wa Jowashe, setloholo sa Akasiya. A fihla Jerusalema, a heletsa lerako la yona ho tloha kgorong ya Efraime, ho ya fihla kgorong e hukung. E ne e le sebaka se ka bang bolelele ba dimethara tse makgolo a mabedi.

14. A hahara kgauta yohle, le silefera, le thepa e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi; a thopa batho, yaba o kgutlela Samaria.

15. Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwantshe Amasiya kgosi ya Juda kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketshalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

16. Jehowashe a shwa, mme a epelwa Samaria le dikgosi tsa Iseraele. Jeroboame, mora wa hae, a mo hlahlama.

17. Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano, kamorao ho lefu la Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele.

18. Diketso tse ding tsa Amasiya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

2 Dikgosi 14