2 Dikgosi 14:25-29 BIBELE (SSO89SO)

25. O ile a busetsa meedi ya Iseraele ditulong tsa yona, ho tloha ka Lekgalo la Hamate, ho ya fihla Lewatleng la Letswai. Hona ha phethahala ho ya ka polelo ya Morena Modimo wa Iseraele, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae, moporofeta Jonase, mora wa Amitai wa Mogate-Hefere.

26. Morena o ne a ile a bona hore Baiseraele ba matshwenyehong a maholo, hobane ho ne ho se le ya mong wa bona ya neng a setse, ebang ke lekgoba, kapa hase lekgoba, mme ho ne ho se mang wee! ya ba thusang.

27. Morena o ne a sa ka a re o tla hlakola lebitso la Iseraele lefatsheng; ka hona a ba pholosa ka Jeroboame, mora wa Jehowashe.

28. Diketso tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwane kateng, le kamoo a ileng a hapela Iseraele Damaseka le Hamate kateng, tseo e neng e le tsa Juda, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

29. Jeroboame a shwa, a epelwa le dikgosi tsa Iseraele, Sakariya, mora wa hae, a mo hlahlama.

2 Dikgosi 14