10. O fela o hlotse Baedomo, jwale o se o le makokonyana! Thabela hona, o itulele ha hao. O ratelang ho ikenya tsitsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”
11. Empa Amasiya a se ke a mo mamela. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.
12. Baiseraele ba imela Bajuda, mme Bajuda ba baleha, e mong le e mong a balehela lapeng la hae.
13. Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, mora wa Jowashe, setloholo sa Akasiya. A fihla Jerusalema, a heletsa lerako la yona ho tloha kgorong ya Efraime, ho ya fihla kgorong e hukung. E ne e le sebaka se ka bang bolelele ba dimethara tse makgolo a mabedi.
14. A hahara kgauta yohle, le silefera, le thepa e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi; a thopa batho, yaba o kgutlela Samaria.
15. Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwantshe Amasiya kgosi ya Juda kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketshalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
16. Jehowashe a shwa, mme a epelwa Samaria le dikgosi tsa Iseraele. Jeroboame, mora wa hae, a mo hlahlama.
17. Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano, kamorao ho lefu la Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele.
18. Diketso tse ding tsa Amasiya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
19. E ile yare hoba ba mo tsohele matla, a le Jerusalema, a balehela Lakishe. Empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela teng.
20. Ba bofa setopo sa hae pereng, ba mo epela le bo-ntatae, Jerusalema, Motseng wa Davida.
21. Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.
22. Ke yena ya ileng a haheletsa Elate, a ba a e kgutlisetsa Juda. Kamorao ho moo, kgosi ya eshwa.
23. Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Amasia, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.
24. Jeroboame a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela le se seng sa dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.