2 Dikgosi 13:8-21 BIBELE (SSO89SO)

8. Diketso tse ding tsa Jehowakase, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

9. Jehowakase a shwa, mme a epelwa Samaria. Jehowashe, mora wa hae, a mo hlahlama.

10. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa puso ya Jowashe, kgosi ya Juda, Jehowashe, mora wa Jehowakase, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.

11. A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsohle tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a phela ka tsona.

12. Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, boo a neng a lwantshe Amasiya, kgosi ya Juda, ka bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

13. Jehowashe a shwa, mme setulo sa hae sa nkwa ke Jeroboame. Jehowashe a epelwa Samaria, le dikgosi tsa Iseraele.

14. Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”

15. Elisha a re ho yena: “Nka seqha le metsu!” Kgosi ya nka seqha le metsu.

16. Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “Hula seqha!” Kgosi ya hula seqha, Elisha a beile matsoho a hae hodima matsoho a kgosi.

17. Elisha a re: “Bula fesetere e ka botjhabela!” Kgosi ya e bula. Elisha a re: “Betsa!” Kgosi ya betsa. Elisha a boela a re: “Ona ke motsu wa Morena, o hlolang; ke motsu o hlolang, o tla hlola Baarame. O tla hlola Baarame Afeke, ho fihlela o ba timetsa!”

18. Elisha a re: “Nka metsu!” Kgosi ya e nka. A boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Betsa fatshe!” Kgosi ya betsa fatshe hararo, ya nto emisa.

19. Moporofeta wa Modimo a e halefela, a re ho yona: “O ne o tshwanetse ebe o betsitse hahlano kapa hatshelela! O ne o tla hlola Baarame ho fihlela o ba timetsa. Empa jwale o tla ba hlola hararo feela!”

20. Elisha a shwa, mme a epelwa.Ha selemo se thwase, mabothwana a Bamoabe a futuhela naha.

21. Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae.

2 Dikgosi 13