2 Dikgosi 13:4-17 BIBELE (SSO89SO)

4. Yaba Jehowakase o rapela Morena, mme Morena a mo utlwa, kaha a ne a bona kamoo Baiseraele ba neng ba hateletswe kateng, hobane kgosi ya Arame e ne e ba hateletse.

5. Empa Morena a fa Baiseraele mopholosi, mme ba tswa tlasa puso ya Baarame. Bana ba Iseraele ba boela ba iphelela malapeng a bona jwaloka pele.

6. Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba tlohela dibe tsa ntlo ya Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Ba etsa dibe tseo; le setshwantsho sa Ashera sa se ke sa tloswa Samaria.

7. Jehowakase a se ke a sallwa ke bahlabani, haese bapalami ba dipere ba mashome a mahlano, le dikariki tsa ntwa tse leshome, le bahlabani ba ditaaso ba dikete tse leshome. Kgosi ya Arame e ne e ba ripitlile, e ba entse hore ba be jwaloka lerole ha ho polwa.

8. Diketso tse ding tsa Jehowakase, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

9. Jehowakase a shwa, mme a epelwa Samaria. Jehowashe, mora wa hae, a mo hlahlama.

10. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa puso ya Jowashe, kgosi ya Juda, Jehowashe, mora wa Jehowakase, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.

11. A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsohle tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a phela ka tsona.

12. Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, boo a neng a lwantshe Amasiya, kgosi ya Juda, ka bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

13. Jehowashe a shwa, mme setulo sa hae sa nkwa ke Jeroboame. Jehowashe a epelwa Samaria, le dikgosi tsa Iseraele.

14. Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”

15. Elisha a re ho yena: “Nka seqha le metsu!” Kgosi ya nka seqha le metsu.

16. Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “Hula seqha!” Kgosi ya hula seqha, Elisha a beile matsoho a hae hodima matsoho a kgosi.

17. Elisha a re: “Bula fesetere e ka botjhabela!” Kgosi ya e bula. Elisha a re: “Betsa!” Kgosi ya betsa. Elisha a boela a re: “Ona ke motsu wa Morena, o hlolang; ke motsu o hlolang, o tla hlola Baarame. O tla hlola Baarame Afeke, ho fihlela o ba timetsa!”

2 Dikgosi 13