2 Dikgosi 12:8-19 BIBELE (SSO89SO)

8. Baprista ba dumela hore ha ba sa tla hlola ba amohela tjhelete e tswang setjhabeng, le hore ha ba sa tla hlola ba thiba mapatso a Tempele.

9. Yaba moprista Jehoyada o nka letlole, o phunya lesoba hodima sekwahelo sa lona, o le bea pela aletare, ka letsohong le letona ha motho a kena ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba lebelang monyako ba ne ba kenya tjhelete yohle e neng e tliswa Tempeleng ya Morena, ka letloleng leo.

10. E ne e ye ere ha ba bona hore tjhelete e se e le ngata ka letloleng, ebe mongodi wa kgosi, le Moprista e Moholo, ba a tla, ba fihla ba bala tjhelete e ka Tempeleng ya Morena, ba nto e tshela ka mokotlaneng.

11. Hoba ba e bale, ba ne ba ye ba e nee ba okametseng mosebetsi wa Tempele ya Morena; baokamedi bana bona ba lefe batho ba neng ba betla difate, le dihahi tse neng di haha Tempele ya Morena.

12. Ba ne ba lefa le ba betlang majwe, le ba a thuang; ba reka difate le majwe a thuilweng, ho tla thiba mapatso a Tempele ya Morena, le ho phetha tsohle tse amanang le mosebetsi wa ho ntjhafatsa Tempele.

13. Leha ho le jwalo, ka tjhelete ena e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, ha ho a ka ha etsetswa Tempele ya Morena dikotlolo tsa silefera, le ditimamabone, le matlao, le diterompeta, leha e le eng kapa eng ya kgauta kapa ya silefera.

14. Tjhelete eo ba e nea basebetsi, mme ba ntjhafatsa Tempele ya Morena ka yona.

15. Ebile ha ba a ka ba belaela ka batho bao tjhelete e neng e le matsohong a bona, hobane ba ne ba tshepahala.

16. Ha e le tjhelete ya nyehelo e tlosang tshito le e tlosang sebe, yona e ne e sa tliswe ka Tempeleng ya Morena; e ne e le ya baprista.

17. Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema.

18. Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.

19. Diketso tse ding tsa Jowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Juda.

2 Dikgosi 12