13. Leha ho le jwalo, ka tjhelete ena e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, ha ho a ka ha etsetswa Tempele ya Morena dikotlolo tsa silefera, le ditimamabone, le matlao, le diterompeta, leha e le eng kapa eng ya kgauta kapa ya silefera.
14. Tjhelete eo ba e nea basebetsi, mme ba ntjhafatsa Tempele ya Morena ka yona.
15. Ebile ha ba a ka ba belaela ka batho bao tjhelete e neng e le matsohong a bona, hobane ba ne ba tshepahala.
16. Ha e le tjhelete ya nyehelo e tlosang tshito le e tlosang sebe, yona e ne e sa tliswe ka Tempeleng ya Morena; e ne e le ya baprista.
17. Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema.
18. Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.