1. Jowashe o ne a qale ho busa ka selemo sa bosupa sa puso ya Jehu, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae ne e le Sebiya, eo hahabo e neng e le Beeresheba.
2. Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle eo moprista Jehoyada a neng a ntse a mo tataisa ka yona;
3. feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, sa tjhesetsa mokubetso hona teng.
4. Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo;
5. lona baprista, le e bokelle ho batho bao le ba tsebang, le inkele yona; feela le thibe mapatso a Tempele ya Morena hohle moo a leng teng.”
6. Empa ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya kgosi Jowashe, baprista ba ne ba eso ka ba thiba mapatso a Tempele ya Morena.
7. Yaba kgosi Jowashe o bitsa moprista Jehoyada, le baprista ba bang, o re ho bona: “Ke ka lebaka lang le sa thibang mapatso a Tempele? Ka lebaka lena he, le se hlole le bokella tjhelete ho batho bao le ba tsebang; le neelane ka e seng e le teng, ho tle ho thijwe mapatso a Tempele ka yona.”
8. Baprista ba dumela hore ha ba sa tla hlola ba amohela tjhelete e tswang setjhabeng, le hore ha ba sa tla hlola ba thiba mapatso a Tempele.
9. Yaba moprista Jehoyada o nka letlole, o phunya lesoba hodima sekwahelo sa lona, o le bea pela aletare, ka letsohong le letona ha motho a kena ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba lebelang monyako ba ne ba kenya tjhelete yohle e neng e tliswa Tempeleng ya Morena, ka letloleng leo.
10. E ne e ye ere ha ba bona hore tjhelete e se e le ngata ka letloleng, ebe mongodi wa kgosi, le Moprista e Moholo, ba a tla, ba fihla ba bala tjhelete e ka Tempeleng ya Morena, ba nto e tshela ka mokotlaneng.