2 Dikgosi 10:7-17 BIBELE (SSO89SO)

7. Yare ha lengolo le fihla ho bona, ba tshwara bara ba kgosi ba mashome a supileng, ba ba bolaya, ba kenya dihlooho tsa bona ka dirotong, ba di romela Jesereele, ho Jehu.

8. Moromuwa a fihla ho Jehu, a re: “Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba kgosi Akabe.”Yaba Jehu o re: “Di etseng diqubu tse pedi, le di bee kgorong ya motse ho fihlela hosasane, hoseng.”

9. Ka la hosasane, e sa le hoseng, Jehu a tswa, a ya ema kgorong ya motse, a re ho setjhaba sohle se teng moo: “Lona ha le na molato. Ke nna ya ileng a rera monga ka, ka mmolaya. Empa baa bohle ba bolailwe ke mang?

10. Jwale tsebang hore tsohle tseo Morena a di buileng ka lelapa la Akabe di tla phethahala, hobane Morena o entse seo a neng a se bue ka mohlanka wa hae Elia.”

11. Ka baka leo, Jehu a bolaya bohle ba lelapa la Akabe ba neng ba setse Jesereele, le banna bohle bao e neng e le ditshiya tsa hae, le metswalle ya hae, le baprista ba hae, ho fihlela ho sa sala le ya mong.

12. Jwale Jehu a ema, a tloha Jesereele, a ya Samaria. Ha a ntse a tsamaya, a fihla sebakeng se bitswang Motebong,

13. moo a ileng a teana le bana babo Akasiya, kgosi ya Juda, mme a re ho bona: “Le bo-mang?”Ba mo araba, ba re: “Re bana babo Akasiya. Re theohela tlase kwana ho ya boka dikgomo ho bana ba kgosi le ho bana ba mofumahadi.”

14. Jehu a re: “Ba tshwareng!” Ba ba tshwara, ba ba bolaela pela sediba se hona moo Motebong. E ne e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, mme ba se ke ba siya le ya mong.

15. Hoba Jehu a tlohe moo Motebong, a kopana le Jehonadabe, mora wa Rekabe, a etla ho tla mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa, mme a re ho yena: “Na o nthata jwalokaha ke o rata?”Jehonadabe a araba, a re: “Ho jwalo!”Jehu a re: “Haeba ho le jwalo, ntshware ka letsoho.” Jehonadabe a mo tshwara ka letsoho, mme Jehu a mo hlwesetsa ka kariking ya ntwa.

16. Yaba Jehu o re: “Tloo, o tlo bona kamoo ke tjhesehelang Morena kateng.” Jwale ba palama kariki ya Jehu ya ntwa.

17. Ha a fihla Samaria, a bolaya masalla wohle a ba lelapa la Akabe, a neng a le moo Samaria. A fedisa lelapa leo, ho ya kamoo Morena a neng a laele Elia kateng.

2 Dikgosi 10