2 Dikgosi 10:21-36 BIBELE (SSO89SO)

21. Jehu a romela maqosa hohle naheng ya Iseraele. Bohle ba rapelang Baale ba tla, mme ha se ke ha eba le ya mong ya sa tleng. Ba fihla ba kena ka tempeleng ya Baale, mme ya tlala tswete!

22. Jehu a re ho mohlokomedi wa kamore ya diaparo: “Tlisetsa bohle ba rapelang Baale diaparo!” Eo a ba tlisetsa tsona.

23. Yaba bo-Jehu le Jehonadabe, mora wa Rekabe, ba kena ka tempeleng ya Baale. Jehu a re ho ba rapelang Baale: “Hlahlobisisang, le ikgodise hore hara lona mona ha ho le ya mong wa bahlanka ba Morena, haese ba rapelang Baale feela.”

24. Ha ba kena ka tempeleng ho ya etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso, Jehu o ne a ile a bea banna ba mashome a robedi kantle, mme a re ho bona: “Haeba e mong wa banna bana bao ke ba beang matsohong a lona a ka phonyoha, ya tla mo tlohela hore a phonyohe o tla bolawa bakeng sa eo ya phonyohileng!”

25. Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale.

26. Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa.

27. Ba thua sefika sa Baale, ba heletsa le tempele ya hae, ba e etsa mohlabana ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

28. Ka mokgwa ona, Jehu o fedisa Baale naheng ya Iseraele.

29. Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane.

30. Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.”

31. Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.

32. Mehleng yona eo, Morena a qala ho ngotla naha ya Baiseraele. Hasaele a ba hlola ka nqeng tsohle tsa naha ea Iseraele;

33. ho tloha ka botjhabela ho Jorodane, e leng naha yohle ya Gileade, le ya ba morabe wa Gade, le wa Rubene, le wa Manase, le ho tloha Arowere e pela noka ya Arenone, ho ya fihla Gileade le bashane.

34. Diketso tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Iseraele.

35. Jehu a shwa, mme a epelwa Samaria. Mora wa hae, Jehowakase, a mo hlahlama.

36. Jehu o ne a ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robedi.

2 Dikgosi 10