2 Dikgosi 10:18-31 BIBELE (SSO89SO)

18. Jehu a kgobokanya setjhaba sohle, mme a re ho sona: “Akabe o ile a sebeletsa Baale hanyenyane, empa Jehu yena o tla sebeletsa Baale haholo.

19. Ka baka lena, mpitsetseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka bohle ba hae, le baprista bohle ba hae. Ho se be le ya mong ya tla ba siyo, hobane ke tla etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang kapa mang ya tla ba siyo a ke ke a phela.” Feela Jehu o ne a etsa leqheka, ka morero wa hore a tle a bolaye ba rapelang Baale.

20. Jehu a boela a re: “Phatlalatsang hore ho tla ba le phutheho a halalelang ya Baale!” Yaba ba a e phatlalatsa.

21. Jehu a romela maqosa hohle naheng ya Iseraele. Bohle ba rapelang Baale ba tla, mme ha se ke ha eba le ya mong ya sa tleng. Ba fihla ba kena ka tempeleng ya Baale, mme ya tlala tswete!

22. Jehu a re ho mohlokomedi wa kamore ya diaparo: “Tlisetsa bohle ba rapelang Baale diaparo!” Eo a ba tlisetsa tsona.

23. Yaba bo-Jehu le Jehonadabe, mora wa Rekabe, ba kena ka tempeleng ya Baale. Jehu a re ho ba rapelang Baale: “Hlahlobisisang, le ikgodise hore hara lona mona ha ho le ya mong wa bahlanka ba Morena, haese ba rapelang Baale feela.”

24. Ha ba kena ka tempeleng ho ya etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso, Jehu o ne a ile a bea banna ba mashome a robedi kantle, mme a re ho bona: “Haeba e mong wa banna bana bao ke ba beang matsohong a lona a ka phonyoha, ya tla mo tlohela hore a phonyohe o tla bolawa bakeng sa eo ya phonyohileng!”

25. Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale.

26. Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa.

27. Ba thua sefika sa Baale, ba heletsa le tempele ya hae, ba e etsa mohlabana ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

28. Ka mokgwa ona, Jehu o fedisa Baale naheng ya Iseraele.

29. Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane.

30. Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.”

31. Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.

2 Dikgosi 10