1. Akabe o ne a ena le bara ba mashome a supileng motseng wa Samaria. Jehu a ngola mangolo, a a romela Samaria ho babusi ba motse, le ho baholo ba setjhaba, le ho bahodisi ba bana ba Akabe. Mangolong ao o ne a itse:
2. “Bana ba monga lona ba ho lona moo; le bile le na le dikariki tsa ntwa, le dipere, le qhobosheane, le dihlomo tsa ntwa. Hanghang ha lengolo lena le fihla ho lona,
3. le kgethe e mong wa bara ba monga lona, eo le bonang a lokela, a bile a tshwanela, le mmee teroneng ya ntatae, mme le lwanele ntlo ya monga lona.”
4. Empa ba kenwa ke tshabo e kgolo, ba re: “Jehu o hlotse dikgosi tse pedi! Rona re ka mo etsang?”
5. Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”
6. Jwale Jehu a ba ngolla lengolo la bobedi, a re: “Haeba le le ba ka, mme eba le tla mamela ditaelo tsa ka, hosasane, ka yona nako ena, le nke dihlooho tsa bara ba monga lona, le tle ho nna mona Jesereele.”Bara ba kgosi ba ne ba le mashome a supileng, ba le matsohong a banna ba baholo ba motse, ba ba hodisitseng.