11. Kgosi ya boela ya roma molaodi e mong wa bahlabani ba mashome a mahlano, le bahlabani ba hae. Molaodi eo le yena a fihla a re ho Elia: “Oho, moporofeta wa Modimo, taelo ya kgosi ke ena: <Theoha kapelepele!> ”
12. Empa Elia a mo araba, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise mmoho le bahlabani ba hao.” Mollo wa Modimo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano.
13. Yaba kgosi e boela e roma molaodi wa boraro, wa ba mashome a mahlano. Molaodi enwa wa boraro a nyoloha, a fihla a kgumama kapele ho Elia, a mo rapela, a re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ke a o rapela: Ako nqenehele, o qenehele le bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano.
14. Mollo o se o ile wa theoha lehodimong, wa fedisa balaodi ba babedi ba pele, mmoho le bahlabani ba bona ba mashome a mahlano sehlopheng ka seng; ka baka leo, ke a o kopa: Ako nqenehele.”
15. Lengeloi la Morena la re ho Elia: “Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba.” Yaba Elia o a phahama, o theohela le molaodi eo ho kgosi.
16. Elia ha a fihla ho kgosi, a re: “Morena o buo tjena: <Kahobane o rometse maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, jwalokaha eka naheng ena ya Iseraele ha ho na Modimo eo o ka mmotsang, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao; ke a o tiisetsa o tla shwa!> ”
17. Akasiya a shwa ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bue ho Elia. Kaha Akasiya a ne a se na mora, Jorame, ngwanabo, a mo hlahlama, e le ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda.
18. Diketso tse ding tseo Akasiya a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.