2 Dikgosi 1:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Hoba kgosi Akabe a shwe, Bamoabe ba fetohela Baiseraele.

2. Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.”

3. Empa lengeloi la Morena la laela moporofeta Elia wa Tishebe, la re: “Ema, nyoloha, o yo kgahlanyetsa maqosa a kgosi ya Samaria. O fihle o a botse, o re: <Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo le ilo disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone?

4. Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: O ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa.> ” Yaba Elia o a ikela.

5. Maqosa a kgutlela ho kgosi, mme kgosi ya a botsa, ya re: “Le kgutletseng?”

6. A re ho yona: “Monna e mong o ile a nyoloha, a re kgahlanyetsa tseleng, a re ho rona: <Kgutlelang ho kgosi e le rommeng, mme le re ho yona, Morena o bua tjena: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo o roma maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone? Ka baka lena, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa.> ”

7. Kgosi ya a botsa, ya re: “E ne e le motho ya jwang, eo ya ileng a nyoloha ho tla le kgahlanyetsa, mme a le bolella ditaba tsee?”

8. Maqosa a re ho yona: “O ne a apere seaparo sa boya, a ikgahlotse letheka ka leqhama la letlalo.” Yaba kgosi e re ho wona: “Motho eo ke Elia wa Tishebe!”

9. Kgosi ya roma molaodi wa bahlabani ba mashome a mahlano le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano ho Elia. Molaodi eo a nyolohela ho Elia, mme a mo fumana a dutse tlhorong ya leralla. Molaodi a re ho yena: “Moporofeta wa Modimo, kgosi e o laela hore o theohe.”

10. Empa Elia a araba molaodi eo wa ba mashome a mahlano, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise, wena le bahlabani ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano.

2 Dikgosi 1