7. Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba.
8. Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea teroneng, hore o buse ka lebitso la Morena Modimo wa hao. Kahobane Modimo wa hao o ratile Baiseraele, mme o ratile hore ba tsitse kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ba ahlolele hantle, ka toka.”
9. Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho eba le dinoko tse kang tseo mofumahadi wa Sheba a neng a di fe Solomone.
10. Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Solomone ba neng ba ile ba tlisa kgauta e tswang Ofire, ba tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka le mahakwe a bohlokwa.
11. Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Naheng yohle ya Juda ho ne ho eso ka ho bonwa tse jwalo.
12. Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa. A mo fa dimpho tse fetang tseo mofumahadi a ileng a mo tlisetsa tsona. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae.
13. Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone a fumana kgauta e ka etsang dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro,
14. ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi le barekisi. Dikgosi tsohle tsa Arabia, le babusi ba ditereke, le bona ba tlisetsa Solomone kgauta le silefera.