20. Dinwelo tsohle tsa kgosi di ne di entswe ka kgauta, le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.
21. Dikepe tsa kgosi di ne di eya Tarashishe, di kgannwa ke bahlanka ba Hurame. hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe, se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko.
22. Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale.
23. Dikgosi tsohle tsa lefatshe tsa tla ho Solomone, ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo a mo fileng bona.
24. Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.
25. Solomone o ne a ena le ditala tse dikete tse nne tsa dipere le tsa dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa, le Jerusalema, ho kgosi.
26. A busa dikgosi tsohle, ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla naheng ya Bafilesita le meeding ya Egepeta.
27. Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema silefera e be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse diphuleng.
28. Ba tlisetsa Solomone dipere tse tswang Egepeta le dinaheng tsohle.
29. Diketso tsohle tsa Solomone, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moprofeta Ahiya ya tswang Shilo, le Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Ido e buang ka Jeroboame, mora wa Nebate.
30. Solomone a busa naha yohle ya Iseraele ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema.
31. Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.