1. Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa botumo ba Solomone, a tla Jerusalema ho nonya Solomone ka dipotso tse thata. O ne a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.
2. Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha eba letho le mo thatafallang.
3. Ha mofumahadi wa Sheba a se a bone bohlale ba Solomone, a bone le ntlo eo a e hahileng,
4. le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le diaparo tsa bona, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.
5. Yaba mofumahadi wa Sheba o re: “Ruri seo ke ileng ka se utlwa ha ke le naheng ya ka, malebana le diketso tsa hao, le bohlale ba hao, ke nnete!
6. Ke ne ke sa kgolwe, ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka. Ruri ba mpoleletse dinyane feela tsa boholo ba bohlale ba hao, hobane wena o feta botumo boo ke bo boleletsweng.