2 Diketsahalo 8:7-12 BIBELE (SSO89SO)

7. Masalla wohle a setjhaba sa Bahete, le sa Baamore, le sa Baperise, le sa Bahife, le sa Bajebuse, ao e neng e se Baiseraele,

8. e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

9. Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba; bona e ne e le bahlabani, le baokamedi ba balaodi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le balaodi ba bahlabani ba palamang.

10. Bana e ne e le baokamedi ba baholo ba kgosi Solomone, ba neng ba busa setjhaba. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano.

11. Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.”

12. Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule.

2 Diketsahalo 8