2 Diketsahalo 8:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. Jwale Solomone a futuhela Hamate-Soba, a e hapa.

4. A tsosa le Tademore e lehwatateng, le metse e meng eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, eo a neng a ile a e haha Hamate.

5. A tsosa Bete-Horone e kahodimo, le Bete-Horone e katlase, e leng metse e haheleditsweng ka marako, e nang le dikgoro, le mekwallo.

6. A tsosa le Baalate, le metse e meng ya hae, eo ho bolokwang, dijo le dihlomo ho yona, le metse yohle eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang. A haha tsohle tseo a neng a rata ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.

7. Masalla wohle a setjhaba sa Bahete, le sa Baamore, le sa Baperise, le sa Bahife, le sa Bajebuse, ao e neng e se Baiseraele,

8. e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

9. Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba; bona e ne e le bahlabani, le baokamedi ba balaodi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le balaodi ba bahlabani ba palamang.

10. Bana e ne e le baokamedi ba baholo ba kgosi Solomone, ba neng ba busa setjhaba. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano.

11. Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.”

2 Diketsahalo 8