11. Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.”
12. Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule.
13. A etsa ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi, ho latela molao wa Moshe o amanang le disabatha, le mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete e meraro e halalelang, e leng mokete wa bohobe bo sa lomoswang, mokete wa dibeke, le mokete wa maphephe.
14. Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.
15. Ha ba a ka ba fapoha ditaelo tsa kgosi malebana le baprista le Balevi tabeng efe kapa efe, le tabeng e amanang le matlole.
16. Solomone a etsa mosebetsi wohle wa hae, ho tloha mohla ho thewang Tempele ya Morena, ho fihlela e fela. Yaba mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena o a phethwa.
17. Jwale Solomone a ya Esione-Gebere, le Elate, lebopong la lewatle le naheng ya Edomo.
18. Hurame a mo romela dikepe tse kgannwang ke bahlanka ba hae, e leng banna ba tsebang lewatle. Banna bana ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Solomone, ba kgutla ba nkile kgauta e boima ba dikilo tse ka fetang dikete tse leshome le metso e mehlano, mme ba e nea Solomone.