2 Diketsahalo 7:14-22 BIBELE (SSO89SO)

14. haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.

15. Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena.

16. Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.

17. “Haeba le wena o ka tsamaya ditseleng tsa ka jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,

18. ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: <Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele.>

19. “Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,

20. ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.

21. Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: <Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?>

22. Ho tla arabelwa, ho thwe: <Ke kahobane ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.> ”

2 Diketsahalo 7