2 Diketsahalo 7:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. Jwale Morena a iponahatsa ho yena, bosiu, a re: “Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke ikgethetse sebaka sena hore e be Tempele eo ke tla etsetswa mahlabelo ho yona.

13. “Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka,

14. haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.

15. Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena.

16. Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.

17. “Haeba le wena o ka tsamaya ditseleng tsa ka jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,

18. ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: <Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele.>

19. “Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,

20. ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.

21. Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: <Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?>

22. Ho tla arabelwa, ho thwe: <Ke kahobane ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.> ”

2 Diketsahalo 7