2 Diketsahalo 7:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Hoba Solomone a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa fihla wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Tempeleng.

2. Baprista ba ne ba sitwa ho kena ka Tempeleng ya Morena, hobane e ne e tletse tlotla ya Morena.

3. Ha bana ba Iseraele bohle ba bona mollo o theoha lehodimong, le tlotla ya Morena e le hodima Tempele, ba obamela fatshe ka difahleho ba le lebaleng, ba kgumamela Morena, ba mo rorisa, ba re:“Morena o molemo,mohau wa haeke wa kamehla yohle.”

4. Yaba kgosi, mmoho le setjhaba sohle, e nyehella Morena ka mahlabelo.

5. Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena.

6. Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.

7. Solomone a halaletsa bohare ba seotlwana se kapele ho Tempele ya Morena, mme hona moo a etsetsa dinyehelo tsa setjheso. Ka mafura a etsa dinyehelo tsa teboho, hobane aletare ya lethose, eo a neng a e entse, e ne e ke ke ya lekana ho etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura.

8. Ka yona nako eo Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekwa ka matsatsi a supileng.

9. Ka letsatsi la borobedi ya eba mokete o moholo wa mapomelo. Ba ne ba ile ba ketekela ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng, mme ba boela ba keteka ka matsatsi a supileng hape.

10. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele.

11. Solomone a qeta ho haha Tempele ya Morena le ntlo ya kgosi. Tsohle tseo Solomone a neng a rerile ho di etsa ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya hae ya bokgosi, a di phetha hantle.

2 Diketsahalo 7