2 Diketsahalo 6:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Yaba kgosi e re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, a re:

5. <Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse, hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona ho wona, mme ha ke eso kgethe motho hore e be mmusi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

6. Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.>

7. “E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, moo a tla kgumamellwa teng.

8. Empa Morena a re ho Davida, ntate: <Ke hantle ha o ile wa lakatsa ho nkgahela Tempele;

9. leha ho le jwalo, hase wena ya tla nkgahela Tempele, empa mora wa hao, ya tswang lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona.>

10. “Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue, hobane ke tswetswe tlung ya Davida, ntate. Ke dutse terone ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke bile ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.

11. Ke kentse areka ka ho yona, e leng areka eo selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bana ba Iseraele, se leng ka ho yona.”

12. Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se bona, a phakalatsa matsoho.

13. Solomone o ne a hahile sethala sa lethose. Bolelele ba sona e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo, bophara ba sona e ka ba dimethara tse pedi le halofo, ha bophahamo ba sona e ne e ka ba methara le halofo. O ne a se beile bohareng ba lebala. A hlwella hodima sona, a nto kgumama moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se mmona, a phahamisetsa matsoho a hae lehodimong,

14. a re:“Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena lehodimong le lefatsheng; ya bolokang selekane, ya hauhelang bahlanka ba hae ba latelang melao ya hae ka dipelo tsa bona tsohle.

15. O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o phethahaditse polelo eo ka matla a hao.

16. “Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: <O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.>

2 Diketsahalo 6