2 Diketsahalo 6:29-41 BIBELE (SSO89SO)

29. thapelo kapa kopo efe le efe, e etswang ke motho ofe le ofe, kapa setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a ka susumetswang ke matshwenyeho a hae le ditlokotsi tsa hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae Tempeleng ena,

30. o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, hobane o tseba pelo ya hae. Ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho.

31. Etsa hore ba tle ba o tshabe, ba tsamaye ditseleng tsa hao ka matsatsi wohle, ha ba ntse ba phela naheng eo o neng o e nee bo-ntata rona.

32. “Le moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang naheng e hole ka baka la ho utlwa lebitso la hao le leholo, le kahobane a utlwile ha ho bolelwa matla a hao, mme a bona letsoho la hao le otlolohileng, a rapela a tadimile Tempeleng ena,

33. o mo utlwe o le leahong la hao le lehodimong. Moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe hore Tempeleng ena eo ke e hahileng, ke moo o kgumamellwang teng.

34. “Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng ona oo o o kgethileng, le Tempeleng ena eo ke o hahetseng yona,

35. o utlwe thapelo ya sona le kopo ya sona o le lehodimong, mme o etse hore se hlole.

36. “Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa ba tsona, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi.

37. Empa haekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona naheng eo ya bathopi ba bona ba o kopa, ba re: <Re sitilwe, re kgelohile, re entse bokgopo,>

38. mme ba kgutlela ho wena ka dipelo tsa bona tsohle, le ka meya ya bona yohle, ha ba ntse ba le naheng eo ya bathopi ba bona; ha ba o rapela ba tadimile naheng ena ya bona, eo o neng o e nee bo-ntata bona, le motseng ona oo o o kgethileng, le Tempeleng ena eo ke o hahetseng yona;

39. o utlwe thapelo le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba sebeletse ka toka, o tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.

40. “Modimo wa ka, mahlo a hao a ke a be ntjhotjho, le ditsebe tsa hao di be lethwethwe, o utlwe dithapelo tse etsetswang sebakeng sena.

41. “Tloo Morena Modimo,o ye sebakeng sa hao, sa phomolo,wena le arekae bonahatsang matla a hao.Baprista ba hao, Morena Modimo,ba ke ba aparelwe ke pholoho,bahalaledi ba haoba thabele ho loka.

2 Diketsahalo 6