21. Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se tadimile sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa, o se tshwarele.
22. “Ha motho a sitelwa wa habo, mme a tliswa kapele ho aletare ya hao, ka Tempeleng ena, ho thwe a hlapanye hore ha a na molato,
23. o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae, o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae.
24. “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se ka hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se bolela hore ke wena Modimo, se o rapela, se o kopa se le ka Tempeleng ena,
25. o se utlwe o le lehodimong, mme o se tshwarele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona.
26. “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se rapela se tadimile Tempeleng ena, se bolela hore ke wena Modimo, se furalla sebe sa sona ha o se otla,
27. o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao eo o e neileng setjhaba sa hao, hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.