2 Diketsahalo 6:16-28 BIBELE (SSO89SO)

16. “Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: <O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.>

17. Oho, Morena Modimo wa Iseraele, polelo ya hao, eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida, e ke e phethahatswe.

18. “Empa na, ruri, Modimo o tla hle a ahe lefatsheng le batho? Bona, haesitana le mahodimo a maholo hakanakana, a sa o lekane, ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?

19. Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo le thapedi ya mohlanka wa hao, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno.

20. Bosiu le motsheare mahlo a hao a ke a lebele Tempele ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: <Nna ke tla ba teng mona.> Ka baka leo, ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a tadimile sebakeng sena.

21. Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se tadimile sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa, o se tshwarele.

22. “Ha motho a sitelwa wa habo, mme a tliswa kapele ho aletare ya hao, ka Tempeleng ena, ho thwe a hlapanye hore ha a na molato,

23. o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae, o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae.

24. “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se ka hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se bolela hore ke wena Modimo, se o rapela, se o kopa se le ka Tempeleng ena,

25. o se utlwe o le lehodimong, mme o se tshwarele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona.

26. “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se rapela se tadimile Tempeleng ena, se bolela hore ke wena Modimo, se furalla sebe sa sona ha o se otla,

27. o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao eo o e neileng setjhaba sa hao, hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.

28. “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, le lebabo, le boroku, le ditsie kapa bookgolane, eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella, leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe,

2 Diketsahalo 6