2 Diketsahalo 5:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.

10. Ho ne ho se letho kahara areka, ha e se matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.

11. Baprista ba tswa ka Sehalalelong. Bohle ba neng ba etswa kamoo ba ne ba itlhwekisitse ho sa natswe dihlopha tsa bona.

12. Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.

13. Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re:“Bokang Morenahobane o molemo;mohau wa haeke wa kamehla yohle.”Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.

14. Baprista ba sitwa ho ntshetsa mosebetsi wa bona pele ka baka la leru, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Modimo.

2 Diketsahalo 5