2 Diketsahalo 5:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. Jwale bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele, se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dikgutshwane, le ka dipohwana tse ngata, hoo di neng di ke ke tsa balwa.

7. Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime.

8. Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a tsona hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona.

9. Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.

10. Ho ne ho se letho kahara areka, ha e se matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.

11. Baprista ba tswa ka Sehalalelong. Bohle ba neng ba etswa kamoo ba ne ba itlhwekisitse ho sa natswe dihlopha tsa bona.

2 Diketsahalo 5