2 Diketsahalo 4:8-19 BIBELE (SSO89SO)

8. A etsa le ditafole tse leshome, a di bea ka Tempeleng; tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi. A etsa le dikotlolo tse lekgolo tsa kgauta.

9. A etsa seotlwana sa baprista, le seotlwana se seng se seholo, le mamati a diotlwana, mme mamati ao a a maneha lethose.

10. A bea tanka ka lehlakoreng le letona, qetheng e ka borwa bo ka botjhabela.

11. Hurame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu le dikotlolo. Jwale yaba Hurame o qetile mosebetsi wa Tempele ya Modimo, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.

12. E ne e le dintho tsena: ditshiya tse pedi, le dikotola tse pedi tse neng di le hodima ditshiya, le meqhaka a mmedi e kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya,

13. le dikgarenate tse makgolo a mane tse kgabisitseng matlowa a mabedi. Letlowa ka leng le ne le ena le mela e mmedi ya dikgarenate tse kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya.

14. A etsa didulwana le dikotlolo tse bewang hodima tsona,

15. le tanka, le dipohwana tse leshome le metso e mmedi tse e jereng,

16. le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona.Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang.

17. Kgosi ya etsetsa dintho tsena phuleng ya Jorodane, sethulelong sa letsopa se pakeng tsa Sukote le Sereda.

18. Solomone o ile a etsa dintho tsena di le ngata; le boima ba lethose leo di entsweng ka lona bo ne bo ke ke ba lekanngwa.

19. Solomone a etsa dintho tsohle tsa Tempele ya Morena, le aletare ya kgauta, le ditafole tse neng di bea bohobe bo halalelang.

2 Diketsahalo 4