2 Diketsahalo 4:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. E ne e le dintho tsena: ditshiya tse pedi, le dikotola tse pedi tse neng di le hodima ditshiya, le meqhaka a mmedi e kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya,

13. le dikgarenate tse makgolo a mane tse kgabisitseng matlowa a mabedi. Letlowa ka leng le ne le ena le mela e mmedi ya dikgarenate tse kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya.

14. A etsa didulwana le dikotlolo tse bewang hodima tsona,

15. le tanka, le dipohwana tse leshome le metso e mmedi tse e jereng,

16. le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona.Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang.

17. Kgosi ya etsetsa dintho tsena phuleng ya Jorodane, sethulelong sa letsopa se pakeng tsa Sukote le Sereda.

18. Solomone o ile a etsa dintho tsena di le ngata; le boima ba lethose leo di entsweng ka lona bo ne bo ke ke ba lekanngwa.

19. Solomone a etsa dintho tsohle tsa Tempele ya Morena, le aletare ya kgauta, le ditafole tse neng di bea bohobe bo halalelang.

20. A etsa didulwana tsa mabone le mabone a tsona ka kgauta e hlwekisitsweng, e le hore a tle a nne a tuke kapele ho Sehalalelo jwalokaha ho ne ho laetswe.

21. Ka kgauta e hlwekisitsweng a etsa dipalesa, le mabone, le matlao.

22. A etsa le dikere tse lokisang dikgwele tsa mabone, le dikotlolo, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso, ka kgauta e hlwekisitsweng. Hodima monyako wa Tempele, le hodima mamati a Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le hodima mamati a Tempele, a maneha kgauta e hlwekisitsweng.

2 Diketsahalo 4