2 Diketsahalo 36:9-19 BIBELE (SSO89SO)

9. Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka kgwedi tse tharo le matsatsi a leshome, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena.

10. Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.

11. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema.

12. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. A se ke a ikokobeletsa moporofeta Jeremia, eo e neng e le molomo wa Morena.

13. Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.

14. Le baprista bohle ba ka sehloohong, mmoho le setjhaba, ba sitwa haholo, ba latela manyala wohle a baditjhaba, ba silafatsa Tempele ya Morena, eo a neng a e halaleditse Jerusalema.

15. Kamehla Morena Modimo wa bo-ntata bona, o ne a romela maqosa ho bona, hobane o ne a utlwela setjhaba sa hae, le Tempele ya hae, bohloko.

16. Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.

17. Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.

18. Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.

19. Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa.

2 Diketsahalo 36