2 Diketsahalo 36:11-23 BIBELE (SSO89SO)

11. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema.

12. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. A se ke a ikokobeletsa moporofeta Jeremia, eo e neng e le molomo wa Morena.

13. Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.

14. Le baprista bohle ba ka sehloohong, mmoho le setjhaba, ba sitwa haholo, ba latela manyala wohle a baditjhaba, ba silafatsa Tempele ya Morena, eo a neng a e halaleditse Jerusalema.

15. Kamehla Morena Modimo wa bo-ntata bona, o ne a romela maqosa ho bona, hobane o ne a utlwela setjhaba sa hae, le Tempele ya hae, bohloko.

16. Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.

17. Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.

18. Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.

19. Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa.

20. Ba ileng ba phonyoha saboleng a ba thopa, a ba isa Babilona, moo e ileng ya eba bahlanka ba hae, le ba bara ba hae, ho fihlela puso e nkwa ke Peresiya.

21. E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”

22. Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a susumetsa kgosi eo hore e etse phatlalatso mmusong wohle wa yona, ho tle ho phethahale polelo ya Morena eo a neng a e bolele ka Jeremia. Kgosi ya e ngola, ya re:

23. “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: <Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Morena Modimo wa hae, a ke a be le yena, mme eo a nyolohele hona teng.> ”

2 Diketsahalo 36