1. Yaba setjhaba sa naha eo se nka Jehowakase, mora wa Josiya, se mmea hore e be kgosi Jerusalema, hore a hlahlame ntatae.
2. Jehowakase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro ha a qala ho busa. A busa ka kgwedi tse tharo, a le Jerusalema.
3. Kgosi ya Egepeta ya mo tlosa setulong sa bokgosi Jerusalema; ya lefisa baahi ba naha eo silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.
4. Kgosi ya Egepeta ya bea Eliakime, ngwanabo Jehowakase, hore e be kgosi ya Juda le ya Jerusalema. Ya mo rea lebitso la Jehoyakime. Neko a nka Jehowakase, ngwanabo Jehoyakime, a mo isa Egepeta.
5. Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.
6. Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a mo isa Babilona.
7. Nebukadenesare a nka le thepa ya Tempele ya Morena, a e bea ka tempeleng ya hae Babilona.
8. Jwale diketso tse ding tsa Jehoyakime, le manyala ao a ileng a a etsa, le tseo a neng a nyatsuwa ka tsona, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.
9. Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka kgwedi tse tharo le matsatsi a leshome, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena.
10. Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.
11. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema.
12. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. A se ke a ikokobeletsa moporofeta Jeremia, eo e neng e le molomo wa Morena.