5. “Le eme Sehalalelong, ho ya ka dihlopha tsa malapa a bana babo lona, ho ya ka bo-ntata bona, bao e leng batho feela setjhabeng, mme sehlopha ka seng se be le wa lelapa la Balevi.
6. Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.”
7. Josiya a nea setjhaba mehlape ya dikonyana le ya dipotsanyane e etsang dikete tse mashome a mararo, le dipohwana tse dikete tse tharo tse tswang mehlapeng ya kgosi. E ne e le nyehelo ya Paseka, ya bohle ba neng ba le teng.
8. Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.
9. Le bo-Konaniya, mmoho le bana babo, bo-Shemaya le Netanele, le dihlooho tsa Balevi, e leng Hashabiya, le Jeiele, le Josabada, ba nea Balevi dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse hlano, le dipohwana tse makgolo a tse mahlano.