2 Diketsahalo 35:22-27 BIBELE (SSO89SO)

22. Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko.

23. Ba diqha ba fula kgosi Josiya, mme kgosi ya re ho bahlanka ba yona: “Ntloseng, hobane ke tswile kotsi e mpe!”

24. Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.

25. Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.

26. Diketso tse ding tsa Josiya le tsa borapedi ba hae, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng Molaong wa Morena;

27. ke ho re diketso tsa hae, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda.

2 Diketsahalo 35