11. Ba hlaba konyana ya Paseka, baprista ba fafatsa ka madi ao ba neng ba a newa ke Balevi, ha Balevi bona ba ntse ba buha tse hlabilweng.
12. Ba bea dinyehelo tsa setjheso kathoko, e le hore ba tle ba di abe ho ya ka dihlopha tsa malapa a setjhaba, le sona se tle se nyehelle Morena, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe. Ba etsa jwalo le ka dipohwana.
13. Ba besa dikgutshwane tse hlabetsweng Paseka ho ya ka taelo; dinyehelo tse halalelang tsona ba di pheha ka dipitsa, le ka diketlele, le ka dipane, ba nto di abela setjhaba ka potlako.
14. Kamora moo, ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, hobane baprista, e leng ditloholo tsa Arone, ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo tsa setjheso, le tsa mafura, ho fihlela e eba bosiu. Ka baka leo, Balevi ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, e leng ditloholo tsa Arone.
15. Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.
16. Kahoo tshebeletso yohle ya Morena ya ho etsa mokete wa Paseka, le ya ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso aletareng ya Morena, ya lokisetswa ka lona letsatsi leo, ho ya ka taelo ya kgosi Josiya.
17. Ka yona nako eo, bana ba Iseraele ba neng ba le teng, ba etsa mokete wa Paseka le mokete wa mahobe a sa lomoswang, ka matsatsi a supileng.
18. Ho ne ho eso ka ho eba le mokete wa Paseka o jwalo, o kileng wa eba teng naheng ya Iseraele, ho tloha mehleng ya moporofeta Samuele. Le dikgosi tsohle tsa Iseraele di ne di eso ka di etsa mokete wa Paseka o jwaloka oo Josiya a ileng a o etsa le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, le Baiseraele ba neng ba le teng, le baahi ba Jerusalema.
19. Mokete ona wa Paseka wa na wa etswa ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Josiya.
20. Kamora tsena tsohle, ha Josiya a se a lokisitse Tempele, Neko, kgosi ya Egepeta, a futuhela Karakemishe, haufi le Euferatese; yaba Josiya o a mo kgaoletsa.
21. Empa Neko a romela maqosa ho Josiya, a re: “Taba ya ka le wena ke efe, wena kgosi ya Juda? Kajeno ha ke futuhele wena, empa ke futuhela lelapa leo ke lwantshanang le lona hobane Modimo o ntaetse hore ke potlake. Tlohela ho nna o kenakenana le Modimo, ya ka lehlakoreng la ka, esere a o timetsa.”
22. Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko.
23. Ba diqha ba fula kgosi Josiya, mme kgosi ya re ho bahlanka ba yona: “Ntloseng, hobane ke tswile kotsi e mpe!”
24. Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.