1. Josiya a etsetsa Morena mokete wa Paseka, Jerusalema. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ba hlaba konyana ya Paseka.
2. A busetsa baprista ditulong tsa bona, a ba kgothaletsa tshebeletso ya Tempele ya Morena.
3. A re ho Balevi ba neng ba ruta Iseraele yohle, ba neng ba halaleleditswe Morena: “Beang areka e halalelang ka Tempeleng eo Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, a neng a e hahe; le se ke la hlola le sa e jara ka mahetla a lona. Jwale sebeletsang Morena Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.