2 Diketsahalo 34:5-13 BIBELE (SSO89SO)

5. A tjhesetsa masapo a baprista hodima dialetare tsa bona, mme a hlwekisa Juda le Jerusalema.

6. A etsa jwalo metseng ya ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le wa Simeone, ho ya fihla ho wa Nafthali, le masuping a e potapotileng.

7. Ha a se a heleditse dialetare, a sentse le ditshwantsho tsa Ashera, a silakantse le ditshwantsho tse betlilweng, a robakile le ditshwantsho tsohle tsa medimo ya bohata naheng yohle ya Iseraele, yaba o kgutlela Jerusalema.

8. Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Josiya, ha a se a hlwekisitse naha le Tempele, a roma Shafane, mora wa Asaleya, le Maasiya, mookamedi wa motse, le Jowa, mora wa Jowakase, e leng mongodi wa diketsahalo, ho lokisa Tempele ya Morena Modimo wa hae.

9. Ha ba fihla ho Hilekiya, Moprista e Moholo, ba mo nea tjhelete e neng e tlisitswe Tempeleng ya Morena, eo Balevi ba neng ba lebela monyako ba ileng ba e bokella ho ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le ho masalla wohle a Iseraele, le ho bohle ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.

10. Tjhelete ena ba e nea basebetsi ba neng ba hlokomela Tempele ya Morena, mme bao ba e nea basebetsi ba neng ba lokisa le ho ntjhafatsa Tempele ya Morena.

11. Ba e nea le dibetli tsa mapolanka, le dihahi, hore di reke majwe a betlilweng, le difate tse tla etsa dibalaka, le maballo a matlo ao dikgosi tsa Juda di ileng tsa a tlohella hore a senyehe.

12. Banna bao ba etsa mosebetsi ka botshepehi. Ba ne ba okametswe ke Jahate le Obadiya, bao e neng e le Balevi ba bara ba Merari, le Sekariya le Meshulame, ba bara ba Kohate. Balevi ba neng ba ena le tsebo ya diletsa,

13. ba ne ba hlokomela ba thothang thepa, ba okametse le ba etsang mesebetsi yohle. Balevi ba bang e ne e le bangodi, le baboloki ba dibuka, le balebedi ba menyako.

2 Diketsahalo 34