4. A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera,1 Dikg. 13:2 le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.
5. A tjhesetsa masapo a baprista hodima dialetare tsa bona, mme a hlwekisa Juda le Jerusalema.
6. A etsa jwalo metseng ya ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le wa Simeone, ho ya fihla ho wa Nafthali, le masuping a e potapotileng.
7. Ha a se a heleditse dialetare, a sentse le ditshwantsho tsa Ashera, a silakantse le ditshwantsho tse betlilweng, a robakile le ditshwantsho tsohle tsa medimo ya bohata naheng yohle ya Iseraele, yaba o kgutlela Jerusalema.
8. Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Josiya, ha a se a hlwekisitse naha le Tempele, a roma Shafane, mora wa Asaleya, le Maasiya, mookamedi wa motse, le Jowa, mora wa Jowakase, e leng mongodi wa diketsahalo, ho lokisa Tempele ya Morena Modimo wa hae.
9. Ha ba fihla ho Hilekiya, Moprista e Moholo, ba mo nea tjhelete e neng e tlisitswe Tempeleng ya Morena, eo Balevi ba neng ba lebela monyako ba ileng ba e bokella ho ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le ho masalla wohle a Iseraele, le ho bohle ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.
10. Tjhelete ena ba e nea basebetsi ba neng ba hlokomela Tempele ya Morena, mme bao ba e nea basebetsi ba neng ba lokisa le ho ntjhafatsa Tempele ya Morena.