2 Diketsahalo 34:24-33 BIBELE (SSO89SO)

24. le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda.

25. Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.>

26. Empa kgosi ya Juda, e le rometseng ho tla e botsetsa Morena, le tle le e bolelle, le re: <Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena, malebana le mantswe ao o a utlwileng.

27. Ka baka la hobane pelo ya hao e bile bonolo, wa ikokobeletsa Modimo, ha o utlwa tsa hae tseo a di buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, wa ikokobeletsa nna, wa hahola diaparo tsa hao, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena.

28. Ka baka leo, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena le baahi ba sona.> ”Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena.

29. Kgosi ya roma maqosa ho e memela baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.

30. Yaba kgosi e nyolohela Tempeleng ya Morena, e ena le banna bohle ba Juda, le baahi ba Jerusalema, le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa, kgosi ya ba balla mantswe wohle a buka ya selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena.

31. Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.

32. Ya laela hore bohle ba Jerusalema, le ba Benjamine, ba itlame ka selekane sena. Baahi ba Jerusalema ba etsa hona, ho ya ka selekane sa Modimo, Modimo wa bo-ntata bona.

33. Yaba Josiya o tlosa manyala wohle dinaheng tsohle tseo e neng e le tsa bana ba Iseraele. A etsa hore bohle ba fumanwang naheng ya Iseraele ba sebeletse Morena Modimo wa bona. Nakong yohle ya ho phela ha Josiya, ha ba a ka ba kgeloha, ba ile ba latela Morena Modimo wa bo-ntata bona.

2 Diketsahalo 34