13. ba ne ba hlokomela ba thothang thepa, ba okametse le ba etsang mesebetsi yohle. Balevi ba bang e ne e le bangodi, le baboloki ba dibuka, le balebedi ba menyako.
14. Ha ba ntsha tjhelete e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, moprista Hilekiya a fumana Buka ya Molao wa Morena, e neng e ngotswe ke Moshe.
15. Hilekiya a bua le Shafane, eo e neng e le mongodi, a re: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena!” Hilekiya a nea Shafane buka eo.
16. Shafane a isa buka eo ho kgosi, a ba a bolella kgosi, a re: “Bahlanka ba hao ba entse tsohle tseo o ba laetseng tsona.
17. Ba ntshitse tlhelete e neng e le ka Tempeleng ya Morena, mme ba e neile baokamedi le basebetsi.”
18. Shafane eo e neng e le mongodi, a bolella kgosi, a re: “Moprista Hilekiya o nneile buka ena.” Yaba Shafane o e balla kgosi.