2 Diketsahalo 34:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema.

2. A kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a kgeloha.

3. Ka selemo sa borobedi sa puso ya hae, Josiya a qala ho sebeletsa Modimo wa Davida, ntataemoholo, le hoja a ne a sa le monyenyane. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema, ka ho fedisa dibaka tsa bona, tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ka ho fedisa ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng.

4. A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera,1 Dikg. 13:2 le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.

5. A tjhesetsa masapo a baprista hodima dialetare tsa bona, mme a hlwekisa Juda le Jerusalema.

6. A etsa jwalo metseng ya ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le wa Simeone, ho ya fihla ho wa Nafthali, le masuping a e potapotileng.

7. Ha a se a heleditse dialetare, a sentse le ditshwantsho tsa Ashera, a silakantse le ditshwantsho tse betlilweng, a robakile le ditshwantsho tsohle tsa medimo ya bohata naheng yohle ya Iseraele, yaba o kgutlela Jerusalema.

8. Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Josiya, ha a se a hlwekisitse naha le Tempele, a roma Shafane, mora wa Asaleya, le Maasiya, mookamedi wa motse, le Jowa, mora wa Jowakase, e leng mongodi wa diketsahalo, ho lokisa Tempele ya Morena Modimo wa hae.

9. Ha ba fihla ho Hilekiya, Moprista e Moholo, ba mo nea tjhelete e neng e tlisitswe Tempeleng ya Morena, eo Balevi ba neng ba lebela monyako ba ileng ba e bokella ho ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le ho masalla wohle a Iseraele, le ho bohle ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.

10. Tjhelete ena ba e nea basebetsi ba neng ba hlokomela Tempele ya Morena, mme bao ba e nea basebetsi ba neng ba lokisa le ho ntjhafatsa Tempele ya Morena.

11. Ba e nea le dibetli tsa mapolanka, le dihahi, hore di reke majwe a betlilweng, le difate tse tla etsa dibalaka, le maballo a matlo ao dikgosi tsa Juda di ileng tsa a tlohella hore a senyehe.

2 Diketsahalo 34