2 Diketsahalo 33:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. A etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ka kgohlong ya mora wa Hinome. A loya, a noha, a sebedisa baloi, le ba buang le bafu, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.

7. Setshwantsho se betlilweng sa modimo wa bohata, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida, le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumamellwa teng kamehla yohle.

8. Haeba Baiseraele ba hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka molao wohle, le ditaelo tsohle, le melawana yohle, tseo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng tsona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.”

9. Manase a etsa hore ba setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba etse sebe, le hore ba etse bobe bo fetang ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.

10. Morena a bua ho Manase le ho setjhaba sa hae, empa ba se ke ba mo mamela.

11. Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.

12. Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.

13. A mo rapela, mme Modimo a rapeleha, a mamela thapelo ya hae, a mo kgutlisetsa Jerusalema, mmusong wa hae. Jwale Manase a tseba hore Morena ke yena Modimo.

14. Kamora tsena Manase a haha lerako le potapotang Motse wa Davida kantle, a le haha ka kgohlong, ka bophirimela ho Gihone, la ya fihla Kgorong ya Ditlhapi, la teela Ofele hare, la phahama haholo. Metseng yohle e haheleditsweng ya naha ya Juda a bea balaodi ba mabotho.

15. A tlosa medimo ya baditjhaba, le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bohata ka Tempeleng ya Morena. A heletsa le dialetare tsohle tseo a neng a di hahile thabeng eo Tempele ya Morena e neng e hahilwe ho yona, le Jerusalema; a di lahlela kantle ho motse.

16. A tsosa aletare ya Morena, mme hodima yona a etsetsa dinyehelo tsa teboho. Yaba Manase o laela ba morabe wa Juda hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.

2 Diketsahalo 33