2 Diketsahalo 33:19-25 BIBELE (SSO89SO)

19. Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.

20. Manase a shwa, mme ba mo epela ka tlung ya hae. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.

21. Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema,

22. empa a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a etsa. Ditshwantsho tsohle tse betlilweng, tseo Manase, ntatae, a neng a ile a di etsa, Amona a di etsetsa mahlabelo, mme a di sebeletsa.

23. Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.

24. Yaba bahlanka ba hae ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.

25. Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.

2 Diketsahalo 33