2 Diketsahalo 33:17-25 BIBELE (SSO89SO)

17. Leha setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, empa se ne se a etsetsa Morena Modimo wa sona.

18. Diketso tse ding tsa Manase, le thapelo eo a neng a rapele Modimo wa hae ka yona, le dipolelo tsa baporofeta ba neng ba romilwe ke Morena Modimo wa Iseraele, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.

19. Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.

20. Manase a shwa, mme ba mo epela ka tlung ya hae. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.

21. Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema,

22. empa a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a etsa. Ditshwantsho tsohle tse betlilweng, tseo Manase, ntatae, a neng a ile a di etsa, Amona a di etsetsa mahlabelo, mme a di sebeletsa.

23. Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.

24. Yaba bahlanka ba hae ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.

25. Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.

2 Diketsahalo 33