6. A bea balaodi ba ntwa ho okamela setjhaba sohle. A ba kgobokanyetsa ho yena, lebaleng le pela kgoro ya motse, a ba kgothatsa, a re:
7. “Ebang matla, le tsohe molota, le se ke la tshaba kapa la nyahamiswa dipelo ke kgosi ya Asiria, kapa ke letshewelehadi leo a nang le lona, hobane ya re thusang o matla ho feta ya mo thusang.
8. Yena o tshepile matla a hae, athe rona, Modimo o na le rona; o tla re thusa, a re lwanele.” Mantswe a Hesekiya, kgosi ya Juda, a tsosa setjhaba molota.
9. Kamora tsena, ha Saneheribe, kgosi ya Asiria, a ntse a etseditse Lakishe thibella ka mabotho wohle a hae, a romela bahlanka ba hae Jerusalema ho Hesekiya, kgosi ya Juda, le ho setjhaba sohle sa Juda se neng se le Jerusalema, a re:
10. “Saneheribe, kgosi ya Asiria, o bua tjena: <Le tshepileng, ha e le moo re le etseditse thibella Jerusalema?
11. Na ha le bone hore Hesekiya o a le thetsa, hore le tle le bolawe ke tlala le lenyora, ha a ntse a re: “Morena Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a kgosi ya Asiria?”
12. Na hase yena Hesekiya ya fedisitseng dibaka tsa Modimo tsa borapedi, le dialetare tsa hae, mme a ba a laela setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, a re: “Le rapelle kapele ho aletare e le nngwe, mme le tjhesetse mokubetso hodima yona?”
13. “ <Na ha le tsebe seo nna le bo-ntate re ileng ra se etsa ho ditjhaba tsohle tsa dinaha tse ding? Na medimo ya ditjhaba tseo e ile ya tseba ho di namolela matsohong a ka?
14. Ke modimo ofe, hara medimo yohle ya ditjhaba tseo, tseo bo-ntate ba ileng ba di timetsa, o kileng wa tseba ho pholosa setjhaba sa wona matsohong a ka? Jwale lona, Modimo wa lona a ka le pholosa jwang matsohong a ka?
15. Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka!> ”
16. Bahlanka ba Saneheribe ba nna ba tswela pele ho nyefola Morena Modimo, le ho nyefola Hesekiya, mohlanka wa hae.