2 Diketsahalo 32:28-33 BIBELE (SSO89SO)

28. A haha le matlo ao ho bolokwang dijo ho wona, ha tjhai e le ngata, le ao ho bolokwang veine e ntjha ho wona, le ole; a haha le masaka a mefuta yohle ya diphoofolo, le masaka a mehlape ya dikgutshwane.

29. A ikgahela metse, a ba le mehlape e mengata ya dikgutshwane, le ya dikgomo, hobane Modimo o ne a mo file maruo a mangata.

30. Hesekiya a kgelosa metsi a tswang mohloding wa Gihone kahodimo, a a lebisa tlase, ka bophirimela ho Motse wa Davida, mme a atleha mesebetsing ya hae yohle.

31. Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.

32. Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa ho sebeletsa Modimo, di ngotswe Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Esaya, mora wa Amose, le Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.

33. Hesekiya a shwa, mme a epelwa leralleng, kahodimo ho mabitla a bara ba Davida. Baahi bohle ba naha ya Juda, le ba Jerusalema, ba mo tlotla lefung la hae. Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.

2 Diketsahalo 32